Africa-Press – Lesotho. Leemisa Thuseho MASERU-Sehlopha sa libapali tse mashome a mabeli a metso e robeli (28) tsa papali ea matsoho Lesotho li ile tsa emela naha litlholisanong tsa mohope oa mokhatlo oa lefatše oa matsoho tikolohong ea botšelela ea Afrika.
Lipapli tsena li ne li tšoaretsoe naheng ea Zambia ho tloha ka la 23 ho isa la 29 khoeling e fetileng. Holima libapali tsena tse mashome a mabeli a metso e robeli ebile ba sehlopha se ka tlase ho lilemo tse leshome le metso e robong (19) leshome le metso e mene (14).
Ha ba leshome le metso e mene ebile ba sehlopha sa ba lilemo tse katlaase ho mashome a mabeli (20). Litlholisano tsena e ne e le tsa ho phunyeletsa ho ea li papaling tsa lefatše tsa bolo ea matsoho tse tlang ho tšoaroa ka selemo sa likete tse pele le mashome a mabeli (2020).
Naha ea Lesotho e hlolehile ho phunyeletsa ka mora ho iphumana e hlahile boemong ba ho qetela mekhahlelong kaofela, ‘me ba boetse ba sa hlola le haele papali e le ‘ngoe feela.
Puisanong le Lentsoe La Sechaba, phala ea mokhatlo o moholo oa bolo ea matsoho Lesotho, monghali Teboho Maseko o supile ha Lesotho le na le talenta e ngata e hlokang feela ho tsotelloa.
O supile ha tlontlollo ena eo ba e fumaneng Zambia e na le li tla morao tsa boitlhopo bo fokolang beo ba bileng le bona. Ho ea ka Maseko, mokhatlo o ne o ratile ho ea litlholisanng tsena ka sehlopha se koenneng hantle empa mathata a lichelete a ile a thefula boikoetliso ba bona ka tsela e holimo haholo.
Maseko o re ba fumane lichelete tsa bona tsa boitlhopo le leeto metsotso ea ho qetela ba saletsoe ke matsatsi fela ba tsamaea. Mehlaleng ea hae o bontšitse ha ba tsamaile ka sehlopha se sa kang sa ba le nako e ngata ea ho tsebana kaha e ne e le mokhethoa oa libapali tse tsoang lihlopheng tse fapaneng.
Hape a re ba qetile matsatsi a mararo ba le tseleng ho leba Zambia ba palame bese kaha lichelete li ne li sa lumele hore ba tsamae ka sefofane. Sena o itse se ile sa tlisa khahlamelo e kholo ho libapali kaha ba fihlile Zambia ka letsatsi leo lipapali li qalang ka lona ‘me ba se ke ba khona ho phomola.
Bona e le mokhatlo, o supile ha ba ile ba fana ka likhakanyo tsa llichelete ho ba ikarabellang khale ha selemo se qala empa lintho tsa tsamaea ka lesisitheho. Ho sa le joalo, selemong se tlang mokhatlo o tla boela o hlopha sehlopha sa basali se tlang ho emela Lesotho litlholisanong tse tšoanang.
For More News And Analysis About Lesotho Follow Africa-Press